Sunday, November 12, 2006

Mohobelo - Sesotho Song and Dance


Linonyana li ne li lula Batho, li re ke lifate ka Mokomahatsi ka mona. Bana ke banna ba Basotho ba Mokorotlo le Mohobelo ba Hleoheng Ha Morena Motsarapane.

I captured these photographs while attending a feast in Mokomahatsi in the Leribe District in Lesotho. This was at a birthday party at a friend's homestead. His mother was celebrating her 79th birthday (in October 2006.

This is a Sesotho Traditional song-and-dance called Mohobelo. It is very colourful and enternaining with its breathtaking charging movements as well as the beautiful melodies that accompany it.

2 comments:

Nkokoto said...

Ke tseo he tse tala tsa morena Molapo
Tsona tsa 'Mamosa le Molapo
'Mamosa le Molapo balimo ba linare
Tsohang le bone likhalala
Li tala ka mahetleng
Li ntso tlaase
Li manaila likholaneng
Litjotjela tsa ho beoa peo
Oa utla he!

Makae Robert said...

Tsirrrrr tsepa!!!!!!
ya kena kgaitsedi ya Lerato
Lerato ngwana ya mong feela
Ngwanana o tswakile bashanyana
Bashanyana lapeng labo

La kena Lekholokwe lekotswana
Lehlaba kgoho ka lemao
a ise kgorong
Ha Mokholoane moreneg
a fihle a re bona morena ke hlabile
Ke hlabile e manoni a moholo

Ya kena Phuthiatsana e kaba Phithiatsana jwang e le tona
Ha Phuthi e theoha
E theoha kanqane
Ho thaba e iqhenya
Bana ba e opela diatla
Bashanyana ba e rapella bophelo
Bophelo ho Ramoloki
Ramoloki ya atla dimaroba
Atla dimaroba ke ho bopa
Bano e sa le masea
Bahlankana ba e fosa ka dikoto
Bomme ba e hlabela modidietsane
Bontate ba e hlabela mokorotlo

Bantate dumelang
He! ke ya ledumedisa
Ke ledumedisa ke tshaba
Kere ho lona dumelang basotho