Wednesday, November 01, 2006

Intro - selelekela

This was inspired by a very good friend from Santa Monica, Lesotho. On Friday 27, October 2006, he sent me a very well written Sesotho "praise song". I was touched, and decided to respond likewise with my own "praise song". The appropriate Sesotho term is "Lithoko". These are sometimes known as "Lifela". Nowadays, the name is commonly used to refer to hymns. If you like, these are hymns as they also invoke some type of spirituality and connection to who we really are. Re Basotho, re tsoetsoe re le likheleke....Utloa feela.

16 comments:

Nkokoto said...

Ngoan’a tooe o nthonkha maqeba
Se ipolele hakana ke seka likeleli
Meokho ea poho hase bohloko
Poho ea Phokeng e seka meokho ke ho hlomoha
Ke hopotse haeso Libataolong
Fats’e la heso hloka-balisa
Balisa ba felile ka Lesotho
Le mathapisana bo-Motsoahae ba itaola



Tlatla-Macholo tsosa bo-ntata ngoanana
Ba tsohele ho tla bona mehlolo
Ha habo rona ke lesupi
Ha habo rona ke ha morena Tali
Litsie-balimo li re hloele setha
Ho hots’o pele, le bo-Motinyane ba iketa
Ikete ho sa le ho cha ngoan’a khaitseli
Etlere ha u ts’ela Lekoa re u hlabele molilietsane

Kea tla………

Nkokoto said...

Ea boea sekoele nthoane
Kilibitla khaitseli ea habo Mpati
Kilibitla se ts’osa batho
Moriti oa eona ke lefifi la bosiu
Nts’ang lirumula le bone moo le eang
Ts’oara molamu o tiee ngoana Lejakane
Hoba ke tla u khahlela ke sa qenehele
Ke ts’oana le e mots’o lefifi mor’a Makotoko
Ke otla motho molebe ka letsoho la leqele



E motle mofokeng
Ngoana pelo ea setsoha le maoba
Bokhuts’oana kapa Sekotoana
Botle ba pelo ho jeoa
Le ha u le mokhuts’oanyane
U ntse u le Koete

Nkokoto said...

Kilibitla ntho tooe
O mang o thibileng letsatsi
Ngoan'a Lejakane tloha ka moeeng kea nkheloa
Ke Kilibitla ntho-e-kholo
Haeso Thocha ke nkoe
Nkoe e mebala e thibile letsatsi
Ha se mebala ke aparo sa ntoa
Ke apere kobo ea lenyalo
Ke apere kobo e kholo ea mesuoe
Ka khoeli tsa 'Mesa kea nyala
Ka khoeli tsa 'Mesa ke tsoa le bashemane

Hele helele!
Bo putsoa-pululu ba hana meja
Bua ka lenyalo, ba matha lepetleke
Putsoa-pululu mor'a Motinyane
Tlo phatse le ngaka tse kholo
U phatsa hanngoe lehabea lea fela
Ngoana o ts'oeroe ke moea, o lakatsa hlophe
'Na oa Thocha ee!
Mohla ke nyalisang ka Santa Monica
Koriana ke tla e hulela holimo
Rona banna ba likheleke
Likheleke li tsamaea le likheleke

kea tsoa....

Nkokoto said...

Khotsong hape

Nkokoto said...

Kena hape petsoa-majoeng
Ngoan'e motona petsoa-majoeng
Ha ho le thata li tsoa ka letsibolo
Bang bare ke Kilibitla
Kilibitla Phok'a lilomong
Ke phela le Manong,
Nonyana tse kholo
Bo-Mohakajane le Tlake
Etsoe ke le oa Letloepe
Khomo e nkakhetse ha mofu Makhaola

Ha li hatoe banna
Bo-'Manyena ba ne ba etse mohau
Ke tjena, ke metjea ke bona
Lefu la nkhoka banna
Kubu a ke be a boha
Oa Lekhooa le eena a lilietse
Ho ba ke roetse tlokola ke bona
Ke tla ke phukalalitse likobo
Tsa kha moea ha ke ts'ela Mohokare
Metjea ke tla ke e roetse ho tsoa Khateane

Anonymous said...

Ha ke tenehile sutha tseleng
Ke hopotse selao sa Tau
Thocha habo Mphee le Bolaoane
Noha-ea-metsi boliba bo a e hana
Ke eo e lopalla sets'osa batho
Mohlaleng oa eona ke liboko feela
E tsetolla lifate ka metso
E lihile matlo ho likela ka letsatsa
Bo-ke-a-tseba ba its'oere lihloho
Ba re ngoana-metsi ha u le tjena, u oa ts'abeha
Ba kae baruti ka lirosari
Ha ele mere e thethebane
Thokolosi, phoofolo ea bosiu, e baleha lepetleke

Se mpitse Sekotoana hoba ke pelo e khuts'oanyane
Mpitse Putsoa-Pululu ke utloe monate
Ke Kilibitla phamphang
Ntho-e-kholo se riba motse
Ho monate ho rokoa ke likheleke
Bo-Motinyane likheleke tse kholo
Ho monate ho rokoa moreneng Leribe
Hona teng haeso moholo

Ntjeng banna ha le ts'abe...

Khoto said...

Bokhutsoanyane ba shoty mashoto
Ka mahlo u ka nkhalala
Ke boraki bo molala kea lalasa
Ke shata ka hara pofa litle lekhotla
Ke kena matlong a batho ke sa kokote
Le lieta ha ke li role
Ka liretse kea farasa

Ke ngope le lebe ha ke t'seloe
Ke t'seloa ke ngoale tse telele
Tse nyane tsena le ka nganoha lirope

Nkabe ke rata ho bua
Joale bana ba masea ke bana kamora matlo
Nka mpa ka roka nonyana tsa leholimo
Hoba 'na ke phoakoe
Ke selomo se methati e leshome
Pasopa moshanyana o tla oela
Utloang joale ke roka molepe

Khabakhabane molepe oa lehlabula tjobolo
Molepe o khaba o pota masimo ka hohle ke ona u nka lithaha sehlopha
Bare ke kokofitoe le 'mamolangoane
Nonyana tse lekanang ka seemo
U ka li bona ha le hlaha khalong la Kena
Ua nkoa ke lit'seho oa t'seha

Joale hoa feta lekanyane
Hoa feta la monna le la mosali
Hela uena moshemane tooe
Tloha sakeng lena
Saka lena ke laka
Khale ke le tseka le ntat'ao
Ke mo otla ke mo khaila
Kooma ea sekhooa eaba ea khaoha
Hee banna la t'seha leqhekoana
La ba la shebisa maoto holimo


Hoea! Hoeaaa!.............

Anonymous said...

nkadime khaebane ngwana malome
nka roala khaebane ka khahlisa mang
nka takallatsa ka betsa lechaka
ka betsa le mohetse thekeng
ka kena morung ka dumedisa
ke bone joang ha moru o dumela
ke bone ka ona ho tetema makala
makala a sefate sena a mmakaditse
a mang a supile ha tladi mpharane
a mang a supile lestho moseja
a mang a shebile haeso qhobosheaneng

Nkokoto said...

Kilibitla ntho e thibile maseli
Kilibitla u koetse ba se fetele mots'seo
Mots'eo ha ho fetele bana ba masea
Le ka ts'oha la tlola mehlala,
la oela liphuoana
Ke phatsa hole, 'na sethibathibane sa Thocha
Ke sethiba tlali
Ke sethiba meleko
Bo-ke-a-tseba le matha lebelo
Kobo li kha moea ha ba bona morian'a phokeng
Mohalakane oa lihlaba, se thiba meleko

Namane ea Molota, e mochitja Mofokeng
Ekaba lekoekoe ke lang ha Ts'ele
Motho oa 'Mulana Motlatla
Ba re u jele 'mutla o le tala lekemekeme
Ha se 'mutla ke leboli le mebala
Le tla le bebenya litelu
Ke roka bahale
Ke roka likheleke
Banna ba famo le hokae
Banna ba mokorotlo,
koli-a-malla,
paka mahlomola
Korotlane pina ea banna
Ha re bina mokorotlo, bahale thebe li tiee
Ntjeng majakane...

Khoto said...

Ha o ntso mpotsa ke haile kae
E matlapa e ea thella Tajane
Liliba tsa eona li ka mahaheng
Kare ke kha metsi ka kha bolele.
Bare linyane-nyane o hlabile qootho
Ke mang ea buang ka nokeng ea Makoetje
Ka lentsoe ke utloa ke mot'soant'sa
Mokhoabane koana ntloana-t'soana
O siile mahe o fuama
O satlabe o khutle o lo alata.

Banna ba bang haeke banna
Ha bale makhooeng koana
Ba reka liphafa lipere ha lieo
Lipere tsa bona basali ba batho
Bang ba fepa linaooa
Libono lint'so
Lipere tsa bona li matlolonyana
E bile li mafoome ka libono.

Ba bang ba lora basali ba batho
'Na ke kebe ka lora mosali oa motho
Ke lora lipholo holima sehlaba
Ke be ke lore le namane ea hase....

Anonymous said...

Ha o phetse ka qomatsi o phetse - Mateketoa a koenehela marena bashemane - Maseaqheme banna ba LCD. Ba bua ka nnete kamehla ba sa e phethahatse!


--------------------------------------------------------------------------------

Joale ke khutlela litabeng
Ke khutla “hot” oa bo-Mosele
Ke elelitsoe ke motho ke maketse
Helele Tau moholoane oa ka ka Pitoria
Moholoane o bosehla ba litau
Moholoane o mosehla ka mpeng
Moholoane o bots’o ba liboy
Bots’o bo fetang le ba Sehoba!
Ngoan’a enoa o mots’o mokoena
Bots’o bo fetang le ba Kabila!


O re ho nna nare e ts’ehla;
Nare e ts’ehla tjotjela;
Tjotjela motho oa ho beoa peo
A re ke ee ka Maseru teropong,
Leribe a re ke e fete mohoalotso
Ke se ee ka Maseru ke ilo bona,
Ke ee ke eo nka puso ka moqebelo hlakola;
Feela are o nyatsa ha taba li etsoa moqebelo,
Ebile eka hoja li etsoa morabaraba,
Litaba tsa ngoana oa Kholu tsa ngoan’a ‘Mamohato banna.
Hee, ke eo ke khutsana Mohato
Banna ke eo ke khutsane o hotse ka ho sokola,
Ke khiets’ana o hotse a patoa ke babusi,
Ba mo pata joalo ka lelinyane la khaka.


Joale o oa busa phau-telle Mohato
O busa ka maqai bo size-2
Bashana ba macongrese ba ho tlola terene e matha
Moraong ona ba makalla koete Thabane ha a e tlola tseleng
Ba re koete Thabane o oa ipatla!



Matamo hlokofala oa ka Leribe,
Banna leoatle la halefa la befa,
Hee, banna leoatle la halefa la befa,
Leoatle leo ke buang ka lona ke koete Thabane,
La tsosa maqhubu matsatsi a mahlano.
La tsosa maqhubu makoala a lla paramenteng
Hoa ba hoa omana tlhapi metsing,
Ea re khele! leoatle lilimala sekepe se fete,
Sekepe seo se nkile letona la khosi ea ka Lesotho koete Thabane.


Ha lla phala tse bohloko Heropa,
Motseng oa Cairo le Eqepeta,
Liofosiri le mapolesa tsa ba tsa tla li phaletse,
Le tsa sesole tsa lebala hore size-2 o li entse macadet
Terompeta ho lla tsa leholimo.
Ramatsatsi, Ralikhoeli a ba a halefa,


Tla-tla-macholo o ba ts’oaile balotsana,
Banna, Tla-tla-macholo o ba ts’oaile balotsana.
Balotsana ba namelang meeokho ea Basotho,
Le ts’olotse Mali ka tsatsi la labohlano,
Ho thoe leholimong koana boralipolotiki ba qabane,
Ka lona tsatsi lona lena.
Ho qabane Leabua oa Jonathane le Sejabanana Ntsu ea Mokhehle,
Rets’elisitsoe tsoho la Leabua,
Ke eo o ponts’eng tsa leholimo.
Eka o na le atama le manqeloi,
Ke eo a ntsa lelekisaka Shakhane ngoan’a bo polasi proper!


Moholoane o re ke khutle ke eo thusa
Etsoe bothata bo teng ka tlung
Etsoe ke khutle hobane ha ke ea baleha
Ke mpe ke khutle hobane ke se na pere,
Le lefats’e la kopanong ke lena le ntabola lithlabela,
U re bothata ke Noko-ea-size 2,
Size 2 ke noko se nkhela batho,
Noko ena ea size 2 tsoaletse hara masimo,
Hee, banna noko e tsoaletse hara masimo selemo,
E hana ha balisa ba feta!
Ekaka hoja e ntse e lelekisa lipelesa.


Serurutha sa batla se bolaea namame ea nare,
Bashemane ba Qacha ho kaka,
Banna Bashemane ba Qacha ho kaka,
Ho otla Motjoli oa ntlo.
Ba ee ba utloe ha ho ntse ho thoe Bashemane ba mathe,
Haholo ho mathe bo-lekeke,
Moshan’a Mants’onyane, Seroala-rifi eena a be salle marao!


Joale ke khutlela litabeng oa bo-Mosele
Ke khutla ‘hot’ oa bo-Hlalefang
Secheka-mekoti sa ka makhooeng proper


Ke re mohlang ke kenang Maseru har’a teropo
Ke tla kena ke le tona kholo ea lona
Etsoe Lesotho ha le na babusi le ea ipusa.


Mohlang oo – ke batla ka borokhong bashanyana bo-Sehoba
Moshan’a bots’o ba li-boy selemo.
Bashan’a bo-Motaung ba be ba qacha!
Bashan’a bo-Pete-Pete – poho e ts’ehla ea ka Leribe!
Bo-phathaphatha e maoto a sehole molisanyana Mafura
Moshan’a hesu Mahlo le mo nehe kh’oriana a e tsikinyetse!


Mohlang oo ho lle tleki lebetlela le lume;
le mohokare e lume ho utloahale ho kena monna;
Ho bonahale hore joale ho kena monna oa litaba!


Ntjeng banna!

Anonymous said...

Rea leboha oa "thocha libataolong"
kea lumela Mphee o se a le moholo joale re se re tla tants'etsa reggae 'moho.

Nkokoto said...

Lilomong tsa Thocha ho haetse Letlaka
Letlaka-pipi sejabatho
Letlaka la Phokeng seubelli
Mohakajane oa bo-Molota khaitseli'a seponono
Ha habo ho hlahile sebabatso
Bolaoane e motle peke-peke
Motho o motle ke metsi-ho-itlhatsoa

Khotso ekae ka Lesotho
Kobotata kobo ea Basotho
Tata-la-raulu-ulu ha le tlale
Kenang le sa buletsoe batho
Khotso e rekoa ka mali le ka lipotomane ka Lesotho
Ha oa lekhooa ha oa Seqhoba-pelesa
Ke phahamisa e 'meli menoana
Leeba la khotso le fetoha 'mankhane re lebeletse
'Mankhane nyonyobala,
'Mankhane o khots'e mali a Basotho

Khomo tse ts'oinyana tsa ho nyala liponono
Tse kotsoana bobete, pelesa tse lilotahali
Ts'oarang teu ka thata bashemane
Tlala le botatalane li re kenetse
Mehofe ea batho re robala re itsosa
Jere re ts'abela ho uena senatla sa makhotla
Lepeletsa mohau, u lepeletse khora,
Lepeletsa nala le ho loka baneng ba hau
Basotho ba senyehile lihlooho ke boketa
Rammoloki nts'epeli ea nts'epe
Atla tsa hau ke sets'abelo ho rona.

Anonymous said...

Kilibitla e mots'o
eena Nkokoto sebele,
Seja-batho a motona Mofokeng
Ke lelimo la lomong tsa Thocha
Khaitseli ea Mankakata le mafahla
e mots'o koete
Koete e motle ke metsi-ho-itlhatsoa
etsoe ho se motho e motle peke-peke

Hlabang le hlabele balimo
le hlabe tse ts'oeu, le hlabe tse ts'oinyana
le hlabe tse khubelu kapa bobete
hlabelang balimo le hlabele bo-Ts'ele ka bo-Molota bafokeng
Lekoekoe ke la eng ha Ts'ele
ke hlomohile, ke hopotse hole
ke hopotse pejana, tsau-tsau re ea hole, tsau-tsau metseng a pele

Nkokoto said...

Hoa kena e nts'o matsetsela
e tsetselela tsa habo eona, tse mafisa
tsa habo moshemane ha li jeoe
o li je o hetlile morao
hoba o tla hlatsa bobete
tse mafisa, li latoa bosiu
hoseng re be re ts'ela noka ea Kubetu
ha ngoana a ts'aba, re be re kena Mekaling motseng
Basali ba o laole molilietsane
molietsane paka-mahlomola

bo-bokolla-li-hlabane le hokae?
ts'aeletsang ka e mots'o Mofokeng
ke ho hots'o le maikutlo monna oa ha Ts'ele
Ha o le mong, oa mphokolla
ha le le babeli, le ntekane
ha le le bararo, le mpaka bohale
mpupetseng lona banna ba ka Lesotho
ke hlotse Mafengu le Mapaqoa
Athe ka Natala ke fetile mohoalotso

ha ho bapaloa, ha ke batle maqai pelaka
mpotseng banna ba Thekong bo Thamsanqa
ke bula tsotsi hoboro e sa le hosasa
ke re mpupetseng ke utloe monate
ha re bapala phuleng ho monate
ho lla tleki, ho tlola litlhase
'na monna oa ha Nkhetheleng
ngoana moshemane botle ke likhomo
botle ke ho ts'oara melamu e tiee

Banna, ka batlile ke senyeha hlooho, la nkhopotsa lintho ke li lebetse. Methapo ena eaka ea ba ea ema...sik! Oa tseba ke ne ke se ke tlohelletse bo-Rashea ha Ramalaeta moo. Banna ha re kopaneng ka Phiri ka mona re lo bapalang. Ho neng ke qetse papali tsa banna. Sik!

MARINAKHOE TSOENE E TONA said...

Banna bashana ba heso kautloa le nkhopotsa lintho ke lilebetse. Utloang hannyane
Ke manyenenyene a tau ea khongoana Qoqolosing koana ha habo ngoananyana Mathokona.
Banna bare linyane la thokolosi ha le hole le tla hola joang mma lona a tsamaea matsekela.
Ka otla ngoana mosali e mong ka moqhalla mosoang ka mpeng mehahabo e lale e hlorile.
Nka mo otla ke mo phathahanya menyayane.